Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso ka mora papadi: Mamelodi Sundowns e bile lehlohonolo

Ka mora ho hlola Polokwane City le ho nka maemo a pele ho Betway Premiership, mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha sehlopha sa hae se bile lehlohonolo ho hlola paoadi eo.

Sundowns e hlotse Polokwane ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Seshego leo Cardoso a neng a tletleba ka lona.

Ntlha ya Sundowns ya tlholo, e hlajowe ke Marcelo Allende a bile a thusa sehlopha ho nka maemo a pele ho Betway Premiership.

“Ka nako tse ding reba lehlohonolo le ha re bile le moralo o totobetseng,” ho realo Cardoso.

“Re ya batla ho etsa menyetla e mengata empa ka nako e nngwe o lokela ho bapala ka tsela e fapaneng.”

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Pirates o lla seboko ka diqeto tsa papadi

Cardoso ya entse diphetoho sehlopheng, o hlalositse ha e bile ho batla momahano le moralo o dule o ntse o tshwana.

“Re kentse Lebo [Lebohang Mothiba] le Tash [Tashreeq Matthews] ho dula moralo mme e sebeditse le ha lehlohonolo le bile teng.”

Sundowns e lekana le dihlopha tse ding ka dipapadi mme e matha pele ka dintlha tse pedi papisong le sehlopha se dutseng boemong ba bobedi sa Orlando Pirates.

Sehlopha setla thulana le Polokwane City hape papading e latelang le ha lekgetlong lena e tlaba Sundowns e amohelang baeti.

BALA HAPE: Seema o sebedisa makejakejane a DDC ho hlola Chiefs