
Sundowns e lelekisa papadi ho hlola mohlorisi wa yona
Sehlopha se qetileng boemong ba bobedi sa Mamelodi Sundowns, se hlotse TS Galaxy ka 3 – 2 papading ya bona ya pele ya sehla.
Sundowns e qadile sehla ka mora dihlopha tse ding ka mora ho qala boitukisetso morao ho latela tahlehelo ya sebapadi Jayden Adams.
Sundowns e nkile ketapele ya papadi ka Brayan Leon e le thaho ya mokoko metsotsong e 7.
BALA: Makgaolakgang a Super Cup a tla bapalla Afrika Borwa
Victor Letsoalo, o hlabetse Galaxy ntlha ya ho lekanya pele papadi e leba kgefutsong.
Phoso ya Ronwen Williams, e fumanetse Galaxy ntlha ya bobedi empa Siphesihle Mkhulise ya keneng a tswa bankeng, a hlabela Sundowns dintlha tse pedi go hapela sehlopha sa hae papadi.
TS Galaxy ke se seng sa dihlopha tse tshwarisang Sundowns mathata nako le nako ha dikopana mme ke sona fela sehlopha se hlotseng Sundowns bonyane papading e le nngwe dihleng tse tharo tse fitileng.
BALA: Gallants e bapala ka menyetla ya ho fumana dintlha tse tharo
