Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kruger United e hlola Black Leopards ho nyolohela ho Betway Premiership

Sehlopha se bapalang ho Motsepe Foundation Championship sa Kruger United, se hapile sehla boemong boo baleng ho bona le ho nyoloha ka kotloloho ho leba ho Betway Premiership.

Kruger, e hlotse Black Leopards e mathateng ka 3 – 1 moo baneng ba hloka dintlha tse tharo ho nyoloha le ho ingolla nalane ya bona papading ya bolo ka hara Afrika Boroa.

Sehlopha sena sa Mpumalanga, se qeta le ho hapa sehla se setse ka dipapadi tse pedi tseo ba lokelang ho dibapala.

Dipapading tse 28 tseo sehlopha dise bapetseng, ba hlotswe ho tse nne, ba bapala maleka ho tse 7 le ho hapa tse 17 mme ba bokeleditse ditlha tse 58 le ho siya sehlopha se bobeding ka dintlha tse 8 kaofela.

Kruger Stats:

28 Matches

17 Wins

7 Draws

4 Defeats

BALA HAPE: Doctor Khumalo o fumana tlotla ho tswa ho Tshwane University of Technology

Dibapadi tse jwalo Celimpilo Ngema, Ntsako Makhubela, Wandisile Letlabika le tse ding, ke a mang a mabitso a teng dibukeng tsa sehlopha sena a bapetseng karolo e kgolo ho nyoloheng ha sehlopha.

Ngema e bile se seng sa dibapadi tse hlabileng dintlha, ha dintlha tse ding tse pedi tsa Kruger dihlabuwe ke Khetukuthula Ndlovu.

Profense ya Mpumalanga, e tlaba ke kemedi ya dihlopha tse pedi lekgehlo la pele sehleng se tla ka hara Betway Premiership.

BALA HAPE: Seema o leboha moifo wa hae ka ho boloka boemo ba sehlopha