
Sundowns e nka maemo a pele ho Betway
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns, se nkile maemo a sona a pele ho Betway Premiership ka mora ho shashara AmaZulu ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Moses Mabhida.
Sundowns, e ne e etetse Usuthu mme ya hloka maitshwaro jwalo ka baeti le ho kgutlela Gauteng ka dintlha tse tharo.
Papadi ena, e bile e nngwe ya tseo Sundowns e sa dibapalang ka tlwaelo jwalo ka ha papadi e lebile kgefutsong ka 0 – 0 ka mora hore dihlopha bobedi dingangane.
AmaZulu, e fetse ya hana ka molala jwalo ka ha mokwetlisi wa bona a lepile ho fihlela metsotsong ya ho qetela ya papadi moo ba hlotsweng ke ke thibeletsa mme Sundowns ya sebedisa monyetla.
Ntlha ya Sundowns, e tlile metsotsong ya ho qetela ya papadi ka Marcelo Allende e le ha a thusa sehlopha sa habo ho nka maemo a bona a pele.
Allende, o kene karolong ya bobedi ya papadi (76 minutes) mme metsotsong e ka tlase ho e 10, ke ha a hlabela sehlopha ntlha.
Le ha e dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha, Sundowns e lekana le Orlando Pirates ka dintlha tse ka selataneng (38 points) mme bobedi dihlopha dibapetse dipapadi tse lekanang (17 games played).
Le ha hole jwalo, Sundowns e nka maemo a pele ka lebaka la palohare ya dintlha tseo ba dihlabileng (27 goals) papisong le tse hlajoweng ke Pirates (26 goals).
BALA HAPE: Letona McKenzie le latola tshekamelo ya tshehetso dipapading
