Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o lla ka mohlwa wa lebala pele ho dipapadi tsa bohlokwa

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o llile ka maemo a lebala la Loftus Versfeld hore hale maemo a ho bapalla dipapadi tsa boemo ba Betway le Champions League.

“Ha ke tsebe hore le a utlwisisa kapa tjhe, empa lebala lena le maemong a mabe haholo, le lebe haholo,” ho realo Cardoso.

“Ho bohloko ho bapala papadi e jwalo ka ya Betway ka hara seretse se tjena. Ke seretse fela mona mme se ama boleng ba papadi.

Sundowns e bapalla dipapadi tsa yona tsa lapeng lebaleng lena la Loftus leo mokwetlisi a sa kgotsofalla maemo a lona bakeng sa dipapadi tse latelang.

“Sundowns e tshwanetse ho fumana tharollo e ka bang ya nako e telele mabapi le sebaka seo re ka bapalang ho sona. Re ke ke ra lebella hore sehlopha se ka hapa Champions League ha se bapala lebala le joalo. Ha se boemong boo re bo hlokang.

“Sena se ke ke sa re thusa le dipapading tsa rona tsa hae, hobane kajeno e bile kodowa e feletseng. Re tshwanetse ho ba matla le ho mamella dintho tsena kaofela.

Ka laboraro sehlopha setla amohela Golden Arrows eo e leng yona e hlotseng Sundowns sehleng sena ho Betway mme papadi eo e tla bapalla hona lebaleng la Loftus ntle le ha ho kaba le diphetoho.

Cardoso o hlalositse ha sehlopha se bapala betetshana hase bapalla mabaleng a jwalo ka FNB le Moses Mabhida moo sehlopha se kgonang ho etsa menyakwe teng.

“Ho bonolo haholoanyane ho bapala ha re bapala FNB [Stadium], ho bonolo hape ha re bapala Durban [Moses Mabhida Stadium].