
Sundowns le Pirates di-mehlaleng ya sebapadi sa Golden Arrows
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se mehlaleng ya sebapadi sa Golden Arrows se bapalang ka lepheyong Siyanda Ndlovu.
Hoya ka lesedinyana la IdiskiTimes, Sundowns e entse kopo ya bokgothokgotho ba tjhelete ho fumana ditshebeletsi tsa sebapadi sena se dile di 23.
Ndlovu ke se seng sa dibapadi tse qatsohileng le hotswa tjaro ya mabonwa sehlopheng sa Arrows moo a hlabang dintlha le ho thusetsa hore dihlajwa.
Sebapadi sena se lenyokonyane se se bapetse dipapadi tse 19 mehopeng e fapaneng mme a hlaba dintlha tse 4 le ho thusetsa dintlheng tse 5.
Le ha boleng ba tjhelete bosa hlaloswa, ho utlwahala ha Sundowns e entse kopo ya ho fumana Ndlovu ka tjhelete e rothisang mathe ho matlafatsa sehlopha ka sebapadi sena.
Le ha hole jwalo, Sundowns hase sona fela sehlopha se mehlaleng ya Ndlovu jwalo ka ha mohlodi o tshepahang o re kumetse ha Orlando Pirates le yona e batla sebapadi sena sa kgwedi ya Lwetse le Mphalane selemong sa 2025.
Tebello ke ho bona e bang Arrows e tla dumela ka sebapadi sena se fihlileng sehlopheng ka selemo sa 2022 le ho qala ho itshupa ka mora ho fumana monyetla sehlopheng se seholo tlasa mokwetlisi Manqoba Mngqithi.
BALA HAPE: Chiefs e tla kena ditherisanong le sebapadi sa bona sa mantlha
