
Kaizer Chiefs e phatlalatsa batshehetsi ba batjha
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se phatlaladitse balekane ba batjha ba ditjhelete e leng Black Label hotswa ho SA Breweries.
Chiefs e kene selekaneng le batshehetsi bana bao e seng difahleho tse ntjha ka hara papading ya bolo jwalo ka ha ba tshehetsa mohope wa Carling Knockout.
Black Label, hae qala ho tshehetsa sehlopha sa Soweto jwalo ha ha e kile yaba batshehetse ba Orlando Pirates pele ho karohano ya bona ya selemo se fitileng.
Selekane sena sa Black Label le Chiefs, setla tlisa thabo bathong ba fapaneng jwalo ka ha ho tlaba le moputso e haptjhwang ke batshehetsi dipapading kapa motshehetsi dipapading tsa Kaizer Chiefs.
O mong wa meputso e meholo selekenang sena ke moo motshehetsi ya le mong a tla hapa leeto la ho leba papading ya mohope wa lefatshe o tla bapala dikgwedi tse tlang ntle le ho kgathatseha ka ditefello.
Ha a hlalosa selekane sena, Jessica Motaung o hlalositse ha ba kgutlela ditshepisong.
“ke ntjhafatso ya ditshepiso (vows) ka mora ho sebetsa kaofela ho tloha ka 2010. katleho e bohlokwa empa tshebedisano mmoho e bohlokwa ho feta,” ho realo Motaung.
BALA HAPE: Sundowns le Pirates di-mehlaleng ya sebapadi sa Golden Arrows
