
Sundowns e tla fetela mokgahlelong o latelang ka metopa
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns setla fetela dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-final) ka mehwabadi.
Sena ka mora hore Stade Malien e ba kgwathise ka 2 – 0 leotong la bobedi le bapaletseng motsemoholo Bamako.
Sundowns, e kene papading ena e matha pele ka dintlha tse tharo ho noto le tshepo ya ho feta ha bobebe.
Papadi ena, e bile e fapaneng le leoto la pele ka lebaka la maemo a lehodimo a neng a tjhesa ho ntsha kwena bodibeng.
Le ha hole jwalo, Sundowns e lekile tsohle ho lwana ya kgumamela le ho thibela Malien ho hlaba dintlha tse fetang tse tharo.
Dintlha tsa Malien, dikene karolong ya pele ya papadi metsotswaneng ka Taddeus Nkeng le Haman Mandjan le ha dintlha tseo dihlokile ho netefatswa ke VAR.
Malien, e tswetse pele ho botsa dipotso le ho hlaba dintlha le ha VAR e latotse hore dibapadi dibile ka motswetseng.
Papadi e lebile le ho kgutla kgefutsong mme karolong ya bobedi ya papadi Sundowns e laotse papadi le ho laola morethetho wa Malien.
Motsotsong wa 77, sebapadi sa Sundowns Aubrey Modiba, o bontshitswe karete e kgubedi ka mora papadi e bohlaswa mme dikere tsa haela bakuti.
Le ha e hlotswe ka 2 – 0, Sundowns e fetela pele ka palohare ya 3 – 2 ka mora tlholo ya leoto la pele.
Sundowns e tla thulana le Esperance de Tunis ka mora kgefutso ya FIFA papading ya maoto a mabedi.
BALA HAPE: Cardoso: Papadi ya bolo e re bontsha tse ka etsahalang ka mehla
