
Tinker o tshwaela ka Tuks le ho ntsha maikutlo ka Sundowns
Mokwetlisi wa Sekhukhune United Eric Tinker, o hlalositse ha baphepetsi ba bona mohopeng wa Nedbank, e ke ke yaba sehlopha se bonolo.
Sekhukhune, setla nkana le University of Pretoria (Amatuks) ka sontaha mme Tinkler, o hlalositse ha a ke ke a halala sehlopha hobane se bapala boemong bo fatshe.
“E ka sebe papadi e bonolo, Tuks ena ke dibapadi tse nang le neo tse nyane. Re bapetse le bona dipapadi tsa setswalle mme dibile thata mme re lebelletse seo,” ho realo Tinkler.
“Moralo wa rona le maikemisetso ke ho fetela mokgahlelong o latelang. Re beile sekepele sa ho fihla ho makgaolakgang, ke ka hoo holeng bohlokwa ho hapa ka sontaha.”
Tinkler, o ntshitse maikutlo ka Mamelodi Sundowns le ka lebelo la ho hapa Betway Premiership.
“Ke bone dibapadi tsa Sundowns dilla ka mesifa (cramps) ho ya ka seo ke se boneng, ke dipapadi tse ngata tseo ba dibapalang, e tlo ba ama.”
“Hana jwale e dutse ke sehlopha setla sebedisa monyetla le ho hapa dintlha. Ba kgona ho hlolwa? Ee, empa o kase qhelele ka thoko boleng ba dibapadi tseo banang ke tsona.”
Sekhukhune se dutse boemong ba boraro ka ka dintlha tse 32 mme Sundowns e ba siya ka dintlha tse tharo le ha Sekhukhune sele pele ka dipapadi tse pedi.
Mokwetlisi e nwa wa Cape TownCity wa mehleng, o hlalositse ha a ipehetse sekepele sa dintlha ho Betway, tseo a dumelang hore o tla difihlela le sehlopha sa hae.
“Pehelo ya ka ke dintlha tse 54. Sehlopha ha se so fihle moo mme se kile sa fella ho 48 sehleng se fitileng moo ba felletseng boemong ba bone.”
BALA HAPE: Cardoso o hlakisa qeto ya ho fetola dibapadi kgafetsa
