Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o hlakisa qeto ya ho fetola dibapadi kgafetsa

Ka mora tlholo ya bona kgahlano le Orlando Pirates, mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse qeto ya hae ya ho dula a fetola tse ding tsa dibapadi sehlopheng.

Cardoso, o hlalositse ha qeto ya hae e susumetswa ke tsela eo dibapadi dibapalang ka yona e seng taba ya hore yena o rata mang.

“Hona le tumelo ya hore ha rena sehlopha se qalang, mme seo hase nnete. Le taba ya hore Aubrey Modiba le Jayden Adams bane ba tswile sehlopheng hase nnete,” ho realo Cardoso.

“Taba ke hore e ne e se karolo ya sehlopha se qalang mme seo se ka etsahala hape. Hase ntho e bobebe ho dibapadi ho dula bale boemong botshwana ba papadi mme seo seka susumetsa diphetoho.”

Modiba o bapetse karolo e kgolo dipapading tse pedi tsa ho qetela tsa Sundowns moo a thusitseng sehlopha ho hlaba dintlha ka ho neheletsa Brayan Leon bolo.

Cardoso o hlalositse ha ho fetolwa ha dibapadi e le ntho e bakwang ke mabaka a fapaneng mme e se ntho e mpe jwalo ka ha dipapadi dile ngata ka nako eo kgutshwane mme seo seba le seabo se fapaneng dibapang ka ho fapana.

“Ke tshwara dibapadi ka ho lekana, le ha batla kantorong ya ka, ke bua le bona ka ho tshwana le ho bakgothasa kaofela hore ba bone hore mokwetlisi o ba tshepa kaofela.”

BALA HAPE: Mthombeni: Pirates ha e lahlehelwe ha bobebe hae bapalla Orlando