Ditaba tsa moraoraoKrikete

Papadi ya Afrika Boroa le India e tlaba ntwa ya bana ba motho

Ka sontaha Afrika Boroa e tla thulana le India papading e tlabeng e tuka malakabe e le ya pele ya Super 8.

Dihlopha tsena ka bobedi ke dithatohatsi tsa ho hapa mohope ona wa T20 ho latela ka mokgwa oo dintseng dibapala ka ona.

Afrika Boroa le India, dibatla dina le dintho tse ngata tse tswanang ka tsona haholo tlhodisanong ena.

Bobedi dihlopha diqetile mokgahlelong wa pele ntle le ho lahlehelwa mme diqetile e le tsona ka hodimo dihlotshwana tsa bona ka ho fapana.

Ka 2024, dinaha tsena dithulane papading ya makgaolakgang a ona mohope ona moo India e ileng ya hlola Afrika Boroa le ha tlholo ya teng e bile e bakileng ditaba dihana ho fela.

Selemong kapa mohopeng ona, dihlopha ka bobedi dikwetliswa ke bara ba motho e leng Albie Morkel le Morné Morkel.

Bobedi bona ke bana ba motho bao e leng bakwetlisi ba dibapadi tse akgelang dinaheng tse pedi tsena [Afrika Boroa le India] mme ba bapalletse Afrika Boroa ka nako e fitileng.

Ha arabela ho e nngwe ya dipuisano, Abie ya kwetlisang Afrika Boroa e bile e le yena ya moholo, o hlalositse ha papadi ya India le Di’Proteas e batla e tshwarisa mma bona hlooho ho feta hobane ha tsebe a tshehetse mang.

“Ke nahana mme wa ka o kgathatseha ho feta rona. Ha tsebe a tshehetse mang, India kapa Afrika Boroa,” ho realo Abie.

Papadi ena ke e nngwe ya tse tla tonelwa mahlo ka ho fitisisa mme e tla bapalla lebaleng le leholo la Narendra Modi toropong ya Ahmedabad.

BALA HAPE: Di’Proteas difeta mohwalotso ho UAE ho phethela mokgahlelo ya pele