
Yaya Sithole o bua ka kotsi e ne motswile
Sebapadi sa Bafana Bafana sa bohareng ba lebala Sphephelo ‘Yaya’ Sithole, o ntshitse maikutlo ka kotsi e neng e motswile le ho mofitisisa ka dibapadi.
Sithole ke sebapadi sa bohareng ba lebala sa Afrika Boroa se bapalang naheng ya Portugal sehlopheng sa Tondela.
Yaya, jwalo ka ha a tsejwa, o ile a fetwa ke dipapadi tse ngata ka mora ho lemala ho kenyeletsa le dibapadi sehlopheng sa naha.
Sebapadi sena se satswa kgutlela papading mme o kgutletse le sehlopheng sa naha sa Bafana Bafana.
Yaya o lebohile modimo hore o kgutletse papadi jwalo ka ha a ne a nahana ho fedile ka bokamoso ba hae papading ya bolo.
“Ke rata ho leboha modimo ka ho mpha monyetla wa ho bapala papadi ya bolo hape hobane kotsi e ne kena le yona,” ho realo Yaya.
“Ke ne ke nahana ho fedile kw bokamoso ba ka empa ke teng kwano hape, ke teng mme ke kgutletse sehlopheng.”
Sebapadi sena se tsejwang ka ho laola bohare ba lebala le ho kopanya mola wa morao le mola o pele, o bapetse karolo e kgolo dibapadi tse fitileng tsa Bafana Bafana.
Tebello ke ho bona a thusa sehlopha ka boiphihlelo ba hae ho hlola dipapadi tse pedi tseo naha e tla dibapadi le mohope wa AFCON ka kgwedi ya Tshitwe.
Ka labohlano Bafana Bafana batla nkana le naha ya Zimbabwe lebaleng la Moses Mabhida ka hora ya botshelela (18:00) bosiu.
BALA HAPE: Broos o bua ka papadi ya labohlano
