Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Leeto la Amajita le fihlila pheletsong mohopeng wa lefatshe

Leeto la sehlopha sa naha sa Amajita le fihlile pheletsong mohopeng wa lefatshe wa bahlankana ba dilemo dika tlase ho 20.

Bahlankana bana ba mokwetlisi Raymond Mdaka ba hlotse ke Colombia ka ntlha tse tharo ho e le nngwe (3 – 1) bosiu ba laboraro.

Papadi ena, e ne e le ya bone ya mohopeng wa lefatshe ka mora ho qeta bale boemong ba bone ho sehlopha sa E le ho fetela dihlopheng tse 16.

Colombia, e fumane ntlha ya pele metsotsong e qalang ya papadi mme ya leba kgefutsong Afrika Boroa e lelekisa papadi.

Karolong ya bobedi ya papadi, sebapadi sa Kaizer Chiefs Mfundo Vilakazi, o lekantse dintlha ka thaho ya mokoko ka mora hore a e fose lekgetlo la pele le ho fumana monyetla wa ho e phetha.

Colombia e kgutlile ka sekgahla ho etella papadi pele le ho hlaba ntlha ya boraro ho rothofatsa ditoro tsa Amajita ka mora diphoso tse bileng teng bohareng ba lebala.

Papadi e fedile ka ntlha tse tharo ho e le nngwe (3 – 1) e leng se hlalosa ha bompudi ba Afrika batla kgutlela lapeng.

Le ha sesa fihlela sehlohlolong kapa mohatong o ka pele, sehlopha se bile le leeto le matla leo baithutileng tse ngata ho lona mme ba fihla dihlopheng tse 16 tsa ho qetela.

Dipapading tse nne tseo sehlopha sa Raymond Mdaka se dibapetseng, ba hlotse tse pedi mme ba lahlehelwa ho tse pedi.

BALA HAPE: Ouaddou o re Afrika Boroa le Morroco dimotjheng o motle