
Africa Boroa e lekanya ditlha papading ya cricket
Sehlopha sa nahana sa cricket sa di’Proteas se hapile papadi ya bobedi ya T20 ho lekanya ntlha le Australia 1 – 1.
Africa Boroa e hapile papadi ka (run) mematho e 53 kaofela ho kgutlela papading le ho kgutlisa tshepo.
Naha ya Australia e hapile lotho mme ya qhobella Africa Boroa ho otla ha bona ba akgela pele.
Sebapadi sa Africa Boroa se otlang, Dewald Brevis o kene e le sebapadi sa bone hotlo thusetsa ho aha mokolokotwane. Brevis o entse mematho (run) tse 125* a satswa.
Brevis ke sebapadi sa bobedi sa Africa Boroa ho etsa lekgolo (102*) ka dibolo tse nyane (41).
Lekgolo la Brevis le mo entse sebapadi se senyane ka ho fetisisa sa Africa Boroa etsa mematho e lekgolo papading tsa T20.
Africa Boroa e qetile makeno a yona (20 overs) ho tswile dibapadi tse sepa (7 wickets) mme Brevis ke se seng sa dibapadi tse neng di setse.
Dibapadi Kwena Maphaka le Corbin Bosch ba nkile di’wicket tse tharo (3 wickets) sebapadi ka seng. Australia e felletse di’overeng tse 17.4 ba tswile kaofela ka mematho e 165.
Tlholo ya Africa Boroa papading ya bobedi e bolela hore papadi ya boraro e tlaba makgaolakgang ho fumana sehlopha setla hapa ka ha bobedi di ya lekana.
Dewald e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora papadi e tswileng matsoho eo a e bapetseng.
Papadi ya boraro e bile e le ya ho qetela e tla fana ka mohlodi, e tla bapala ka moqebelo ka hora ya 11:15 hoseng ka nako ya kwano Africa Boroa.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: spurs-e-re-etla-ipiletsa-tabeng-ya-velebayi
