Ditaba tsa moraoraoKrikete

Australia e hlola India ho thusa Di’Proteas ho behelletse sebaka

Naha ya Australia e hlotse batshireletsi ba sekola India ka di’wicket tse 6 ho behelletse sebaka dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-finals).

Tlholo ena e bile bohlokwa sehlopheng sa Afrika Boroa ho feta sa Australia jwalo ka ha Afrika Boroa e ne e hloka hore India e hlolwe ho fumana sebaka dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang.

Afrika Boroa e hlotse papadi ya bona kgahlano le Bangladesh ka di’wicket tse 4 empa ka lebaka la “net-run-rate” sehlopha se hlokile hore India eo ba neng ba lekana le yona ka dintlha e hlolwe papading e bapetseng ka mora ya bona.

Bangladesh e hapile lotho le ho kgetha ho otla pele ha Afrika Borwa e akgela.

Dibapadi tsa Afrika Boroa tse akgelang diqobelletse Bangladesh ho fella memathong e 117 ho tswile dibapadi tse 5 [117/5].

Nonkululeko Mlaba o ketotse dibapadi tse pedi ha Marizanne Kapp, Shabnim Ismail le Chloe Tryon ba ketotse sebapadi ka seng.

Makenong a bobedi Afrika Boroa e sokotse ka molangwa ka mora hore Laura Wolvaardt a ketolwe ka bolo ya pele.

Le ha hole jwalo Annerie Dercksen (45) le Tazmin Brits (20) ba lekile ho lwanela naha pele ba ketolwa ka ho fapana.

Sehlopha setla thulana le baamohedi ba baeti English ka labone papading ya bone ka tatellano e tlang pele ho makgaolakgang.

BALA: Kapp o lwana ka molangwana le bolo ho hlola India papading ya boraro