
Spurs e re etla ipiletsa tabeng ya Velebayi
Botsamaisi ba sehlopha sa Cape Town Spurs, bo seholotse baemedi ba dibapadi le dihlopha tse kang Kaizer Chiefs le Amazulu. Sena ke ka mora qheto e nkuweng ke lekgotla la ditletlebo la PSL.
Spurs e sehollotse ka bohale seo ba reng ke ho nka menyetla ha baemedi le dihlopha ka mora qheto ya hore Asanele Velebayi ha ana sehlopha.
“Ke hobaneng ha sehlopha se ka tsetela tjhelete e ngata mothong eo hosane a ka tsohang a tsamaile?”
“Ke hobaneng ha o ka a hela bokamoso empa melao etlo kgema le menyetla ya ka pelenyana?” Ho botsa Spurs.
Spurs e hlotswe ke teko ya bona ya ho thibela sebapadi sena ho ka tekena le Chiefs ka mora hore e rengwe ke selepe.
Velebayi, Spurs le Kaizer Chiefs ha e sale bale ditabeng ka taba ya tekeno mme ka montaha hoseneng ke ha qheto e phatlalatswa.
Botsamaisi ba Spurs haba kgotsofalla qeto ena mme bo re botla nka mehato. Motsamaisi wa sehlopha, Alexi Efstathio o re batla phepetsa qeto ena.
“Re tseba boleng ba sebapadi, sebapadi se ntse re na le kontraka le sehlopha sa rona mme seo se lokela ho hlompjha.”
“Re tla tseba ha batsi ka qeto ena ka mora ho kopana le ditsibi mme retlo ipiletsa,” ho realo Efstathio.
Velebayi ya neng a shebeletse ha sehlopha sa Chiefs se hlola sa Stellenbosch ka sontaha, a kanna a fihla neng kapa neng Naturena ho qala hoba karolo ya sehlopha.
Ha jwale ho sa beilwe matsoho diphatleng ho tseba hore qheto e tla nkwa lehlakoreng la Luke Baartman le Liam Bern ke e feng. Tsena tsohle ditla tsebahala ha mmela o ntse o puta.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: kaizer-chiefs-e-hapa-ka-ntle-ho-lebala
