Ditaba tsa moraoraoKrikete

Afrika Boroa e lahlehelwa ke letoto la bobedi New Zealand

Sehlopha sa basadi sa Afrika Boroa papading ya krikete se lahlehetswe ke letoto la bobedi leetong la bona naheng ya New Zealand.

Di’Proteas, dihlotswe ke New Zealand papading ya boraro ya ODI eo e neng e le yona makgaolakgang ka mora hore dihlopha bobedi dihape papadi kang.

New Zealand e hapile papadi ka mematho e 66 ka mora ho etsa mematho e 306 ho tswile dibapadi tse 7 [306/7]. Afrika Boroa, e kgonne fela ho bokeletsa mematho e 240 dibapadi ditsweile kaofela.

Tumi Sekhukhune le Ayanda Hlubi ba ketotse dibapadi tse pedi sebapadi kang ha Nonkululeko Mlaba le Nadine De Klerk ba ketotse sebapadi sele seng.

Mokaptene Laura Wolvaardt (69) le Annerie Dercksen (47) ba lekile ho e hlanaka sesadi ka molangwana empa barwetsana ba ‘The Blackcaps’ base reke sefahleho le ho ketola ba feta.

Tlholo ena e hlalosa ha New Zealand e hapile letoto lena ka 2 – 1 mme ke letoto la bobedi leo bale hapang ka mora ho hlola baiti dipapading tsa T20 ka 4 – 1.

Afrika Boroa e tla kgutlela lapeng ka pelo tse bohloko ka mora ho lahlehelwa ke matoto a mefuta e mmedi ya dipapadi.

BALA HAPE: Van der Dussen o beha molangwana fatshe lekgetlo la ho qetela