
Afrika Boroa e hlola India letotong la T20 ho setse dipapadi tse pedi
Mokaptene wa sehlopha sa naha Laura Wolvaardt, o eteletse sehlopha pele ka bokgabane ho ngola nalane kgahlano le India.
Wolvaardt le mokgupi wa hae, ba hlotse India papading ya boraro ka wicket tse robong (9 wicket) papading ya boraro ba bile ba hapa letoto la dipapadi tse hlano la T20 ka dipapadi tse pedi ka letsohong.
Di’Proteas, dihapile lotho mme ba kgetha ho akgela ha India e qala ka ho otla. India, e kgonne ho etsa mokolokotwane wa mematho e 192 ho tswile dibapadi tse nne (192/4) e leng palo e hodimo haholo eo Afrika Boroa e neng e lokela ho e lelekisa.
Nonkululeko Mlaba (2) le Nadine De Klerk (1) e bile bona fela ba ketotseng dibapadi ha sebapadi se seng se tswile ka run out.
Makenong a bobedi Wolvaardt (115) le Sune Luus (64*) ba lelekisitse le ho etsa setswalle (partnership) sa mematho e 183 pele Wolvaardt a ketolwa ka century ya hae ya boraro dipapading ta T20.
Wolvaardt ya ntseng a sebetsa ka bokgabane, o etse “half century” tse pedi dipapadi tse pedi tse fitileng mme a etsa lekgolo “century” papading ya boraro le hoba sebapadi sa letsatsi.
Luus ka ho le leng o etse 50 (half century) ya bobedi a bile a qeta papadi a ntse a le ka lebaleng (not out).
Sehlopha setla kena papading ya bone ka ketapele ya 3 – 0 e leng tlholo kgahlano le India. Papading eo e tla bapala ka moqebelo lebaleng la Wanderers mme e tla thakgoha ka 18:00.
