
Broos o re ba malala-a-laotswe bakeng sa teko e matla
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha bale malala-a-laotswe bakeng sa papadi e matla eo batla kena ho yona kgahlano le naha ya Egypt.
Afrika Boroa e tla thulana le naha ya Egypt papafing ya bobedi ya dihlotshwana ho AFCON ka labohlano thapama mme sehlopha se hapang papadi eo, setla fetela mokgahlelong o ka pele wa tlhodisano.
“Ke sehlopha se matla senang le nalane ha ho hapa mohope ona makgetlo a 7 empa ke ntho ya nako e fitileng,” ho realo Broos.
“Bana le dibapadi tse matla tse jwalo ka Salah le Marmoush empa ke dumela ha rele malala-a-laotswe bakeng sa ntwa kgahlano le bona.”
Le ha Egypt e le naha e matla e bile e le hodimo ho Afrika Boroa dikgatong tsa FIFA le kontinente, Afrika Boroa ena le rekoto e ntle moo ba hapileng dipapadi tse ngata ho feta tsa Egypt ka nako eo dikopaneng.
Dihlopha tsena dise dibapetse dipapadi tse 14 ka kakaretso mme Afrika Boroa e hapele tse 8 ha Egypt e hapele tse 4 mme tsa bapala maleka dipapading tse 2.
Lekgetlo la ho qetela dinahana tsena dithula ho AFCON, ke ka 2019 mme Afrika Boroa e ileng ya hlola Egypt ka 1 – 0 e le mokgahlelong wa tse 16 tsa ho qetela.
Bobedi dihlopha tsena dihapile dipapadi tsa bona tse qalang mme maikemisetso ke ho hapa papadi ya bobedi le ho fetela pele ka papadi ka seatleng.
Egypt, e tla amohela Afrika Boroa Stade Adrar motsemoholo Agadir, Morocco. Papadi ena e tla thakgoha ka 17:00 ka nako ya Afrika Boroa.
