
TS Galaxy e arohana le ditho tsa bokwetlisi ka ho panya ha leihlo
Sehlopha se ntseng se tswelapele ho tetebela sa TS Galaxy, se arohane le mokwetlisi wa sona Adnan Beganovic le motsamaisi wa sehloho [Techincal Director] Nermin Basic ka ho panya ha leihlo.
Qeto ena e tla jwalo ka dimakatsoka mora hore monga sehlopha Tim Sukazi a tsibibse ha a tshehetsa mokwetlisi wa hae mme ka ho le leng, ha e makatse ho latela tshebetso ya moraorao ya sehlopha.
Galaxy, e lahlehetse ke dipapadi tse robedi dipapading tseo ba dibapetseng ho Betway Premiership le ha sehlopha setla bapala ho moakgaolakgang a Nedbank haufinyana.
10 latest matches in Betway Premiership:
9 loses
1 draw
Hoya ka SABC Sport, ha hoso hlake e bang sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Bernard Parker o tla kokomala se maratswana kapa jwang.
Sehlopha se setse ka beke pele se bapala makgaolakgang a Nedbank kgahlano le Durban City ka la 02 Motsheanong.
Ka sontaha ‘The Rockets’ ditla thulana le Magesi papading ya Betway mme papadi eo e tla thakgoha ka 15:00 motsheare.
