
Afrika Boroa e kgwathisa India papading e mahlonoko ya Super 8
Sehlopha sa naha sa Di’Proteas, se hlotse naha ya India papading ya pele ya mokgahlelo wa Super 8 ho ipeha monyetleng o moholo wa ho fetela dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang.
Di’Proteas, dikgwathisitse India ka mematho e 76 ka mora hore Afrika Boroa e hape lotho le ho kgetha ho otla pele ha India e akgela. Tlholo ena ke ya bobedi ka boholo kgahlano le India dipapading tsa T20.
Makenong a bona, Afrika Boroa e qadile papadi ka monyebe ka mora ho lahlehelwa ke dibapadi tse tharo tse qalang (Quinton de Kock, Aiden Markram le Ryan Rickelton) papadi e qeta ho qala.
Dewald Brevis (45), David Miller (63) le Tristan Stubbs (44*) ba e hlwele e matha mme ba leka ho tlisa botsitso le ho kgutlisa tshepo ya ma’Afrika Boroa ya ho hlola papadi.
Afrika Boroa e felletse memathong e 187 ho tswile dibapadi tse 7 (187/7) e leng palo e neng e bonahala e le tlasa le hoba bobebe ho India ho e lelekisa.
Makenong a bobedi, Afrika Boroa e fotohile ka bolo ka mora hore mokaptene Markram a qala ho akgela le ho ketola sebabadi ka bolo ya boraro. Corbin Bosch (2), Keshav Maharaj (3) le Marco Jansen (4) le bona ba bile le seabo ho ketolweng ha dipapadi tsa India.
India, e felletse memathong e 111 dibapadi tsa bona ditswile kaofela ho fa Afrika Boroa tlholo ya mematho e 76 le ketapele sehlotshwaneng sa pele (group 1) ya Super 8.
Di’Proteas, ke sona sehlopha sa pele sa ho hlola India dipapading tsa mohope o ntseng o tswelapele wa lefatshe mme ba kgaotse ketane ya India ya ho hlola dipapadi tse ngata tsa T20 (12 wins streak).
Afrika Boroa, e tla bapala papadi ya bona ya bobedi kala 26 Hlakola kgahlano le naha ya West Indies.
BALA HAPE: Papadi ya Afrika Boroa le India e tlaba ntwa ya bana ba motho
