
Beganovic: Kene ke thabile ha Williams a se mekwallong
Ka mora ho hlola Mamelodi Sundowns, mokwetlisi wa TS Galaxy Adnan Beganović, o hlalositse ha a ne a thabetse ho sebe teng ha Ronwen Williams papading.
Galaxy, e ntshitse Sundowns dipapading tsa Nedbank ka mora hoba hlola ka 2 – 0 papadi e bapetseng e bapalleng le neng le phophoma balatedi la Solomon Mahlangu.
Beganovic, o hlalositse ha thabo ya hae, etlisitswe ke ha a sa bone Williams ya kgona ho qala ho aha dibolo ho tloha morao.
“Kene ke thabile ha ke bona Williams a se mekwallong hobane ha ba bapale ka ho tshwana ntle le yena,” ho realo Beganovic.
“Ntle le Williams, o kgona ho kenya sehlopha tlasa kgatello hobane Dennis Onyango ha bapale ka maoto jwalo ka Williams.”
Le ha hole jwalo Beganovic o hlalositse ha e ne e le meralo ya bona ho qala ka sekgahla le ho etsisa Sundowns diphoso ka karolong ya bona ya lebala.
Sundowns e kene papading ena ka sehlopha se fetohileng papisong le se qadile le ho hlola Orlando Pirates mme Beganovic o bone seo le ho sebedisa monyetla.
“Ke shebile papadi ya bona kgahlano le MC Alger le Orlando Pirates mme ka bona mokgathala wa dibapadi le ho dumela ha ho tlaba le diphetoho tse tla re dumella ho hlasela mme ke thabetse hore re sebedisitse monyetla.”
Galaxy, e tlaba sehlopha sa bobedi sa Mpumalanga setla emela profense ka mora hore Casric le yona e kgwathise le ho makatsa Pirates.
BALA HAPE: Dihlopha tsa Gauteng ditswa dikolokile ho Nedbank Cup
