Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwena o latswa ho hlolwa lekgetlo la pele

Mokwetlisi wa sehlopha sa MC Alger ya Algeria Rhulani Mokwena, o hlotswe papadi ya hae ya pele ke sehlopha sa MB Rouissat ka 1 – 0 bosiu ba labone.

Mokwena o qala ho lahlehelwa ke papadi ho Algeria Ligue 1 ka mora ho tshwara marapo a ho kwetlisa dinatla tsena tsa Algeria tse dutseng ka hodimo tafoleng ya dihlopha.

Alger, e ne e le sona fela sehlopha se so lahlehelwe ke papadi Algeria ka mora dipapadi tse robedi tseo baneng ba dibapetse mme tsohle difetohile.

Le ha e se tlholo ya pele ho Alger tlasa Mokwena, mokwetlisi enwa wa mehleng wa Mamelodi Sundowns, o qadile sehla ka noto e hodimo jwalo ka ha a bapetse dipapadi tse 10 mme a hapa tse 8, a lahlehelwa ke papadi e le nngwe le ho bapala maleka papading e le nngwe.

Mokwena o se a bapetse dipapadi tse 18 ka kakaretso mme o hapile tse 11, a bapala maleka dipapading tse 5 le ho hlolwa dipapading tse 2.

Ha jwale Mokwena le sehlopha ba dutse ka hodimo-dimo tafoleng ya dihlopha ka dintlha tse 25 ka mora dipapadi tse 10 ha dihlopha tse ding dile pele ka dibapadi tse pedi.

Ka labobedi la la 23 Tshitwe, Alger e tla thulana le Ben Aknoun ka 20:30 bosiu. Dibapadi tsa Algeria, ntse ditswelapele le ha mohope wa AFCON o tlabe o bapala.

BALA HAPE: McKenzie o hlakisa taba ya meropotsa ya dibapadi pele ho AFCON