
Rayners o hlaba dintlha hoya le ho kgutla, nyele le bosiu
Mohlabadintlha ya fatsheng la hae a le mong wa Mamelodi Sundowns, o tswelapele ho bontsha dithibathibane tosa le madinyane a yona.
Iqraam Rayners, o ntse a tswelapele ho phahamisa letsoho la hae ho fumana sebaka sehlopheng sa naha ka ho hlaba dintlha.
Sena ka mora hore Rayners, a hlabe ntlha ya 11 ha Sundowns e ne e thulane le Chippa United bosiu ba labohlano lebaleng la Loftus Versfeld.
Rayners o se a hlabile dintlha tse 11 dipapading tse 18 ho Betway Premiership, a thusetsa dintlheng tse 3 mme a hlaba ntlha e le nngwe dipapading tse 5 ho Champions League.
Le ha tshebetso ya hae e tswelapele ho ipuelella, Rayners o ntse a tlodiswa mahlo sehlopheng sa naha ke Broos le moifo wa hae.
Sebapadi sena senang le leihlo la dintlha, e ne e se karolo ya sehlopha se bapetseng AFCON mme o satswa fetwa ke dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le naha ya Panama.
Rayners, o haelwa ke ntlha e le nngwe fela a be a lekana le Sede Junior Dion ya dutseng dintlhe tse 12.
Tebello ke ho bona hore Broos o tla kenyeletsa sebapadi sena palong ya dipapadi tse tla leba America jwalo ka ha a hlalositse hore o sentse a tseba boholo ba sehlopha seo a tla hlasela ka sona.
BALA HAPE: Rayners o hlalosa seo base lebeletseng papading ya bona le Chippa
