
Afrika Boroa e lelekisa papadi letsatsing la bobedi
Sehlopha sa naha papading ya krikete, se qeta letsatsi la bobedi la teko sele motjheng wa ho lelekisa papadi ka mora hore Pakistan e behe mokolokotwane wa 378 dibapadi ditswile kaofela.
Afrika Boroa, e qetile letsatsi e dutse memathong e 216 ho ketotswe dibapadi tse 6 (216/6) ka mora hore sehlopha se ntshe Pakistan kaofela ba dutshe memathong e 378.
Pakistan e qadile letsatsi e le yona e kgabong le ho leka ho eketsa mokolokotwane wa bona wa letsatsi la pele.
Sebapadi sa Afrika Boroa se akgelang Senuran Muthusamy, o tlile a momme o ka fatshe le ho etsa nalane ka ho ketola dibapadi tse hlano (fifier) lekgetlo la hae la pele le hoba mo’Afrika Boroa wa boraro ho etsa seo mobung wa Pakistan.
Dibapadi tsa Pakistan Mohammed Rizwan (75) le Salman Agha (93), ba mathile mehlaleng ya Imam Ul-Haq (93) le Shan Masood (76), ho thusa sehlopha sa bona ho aha mokolokotwane o tlaba thata bang sa Afrika Boroa ho o lelekisa.
Ka lehlakoreng le leng, Prenelan Subrayen le Subrayen Muthusamy ke bona fela dibapading tsa Afrika Boroa ba ketotseng dibapadi letsatsing la bobedi.
Dibapading tsa Afrika Boroa tse otlang, Ryan Rickelton (71) le Tony de Zorzi (81*) ya ntseng a le kgabong, ba lekile ho e hlanaka senna le ho thusa sehlopha sa bona ho lelekisa.
Mokaptene wa sehlopha e bile e le sebapadi se kenang se bula Aiden Makram, o fihleletse mematho e 3000 dipapading tsa diteko (Test Cricket) le ha a tswile ka mematho e 20.
Hosane, Afrika Boroa e tla qala letsatsi ka de Zorzi le Muthusamy ha batlabe ba lelekisa 162 le hl leka ho aha mokolokotwane wa bona. Papadi etla qala ka hora ya bosupa (07:00) ka nako ya Afrika Boroa.
