Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ntwa ya dinaha tsa Afrika le dihlopha tsa Europe e hlwa matsatsa

Ntwa dipakeng tsa dihlopha tsa mose ho mawatle le dinaha tsa Afrika, e qala ho hlwa mekwalaba jwalo ka ha matsatsi a AFCON a ntse a atamela.

Dihlopha tsa mose tse bapallawang ke matswallwa a Afrika, dibatla dile lesisitheho la ho lokella dibapadi pele ho nako bakeng sa dibapadi AFCON.

Le ha tse ding tsa dihlopha, dilokolotse dibapadi kapa direra ho etsa jwalo, tse ding tsa dihlopha dieme thabeng ka hore dikeke tsa lokolla dibapadi pele ho nako kapa ka kotloloho.

Tsena tsohle dietsehala ka mora hore FIFA e fe dihlopha tetla ya ho hana ka dibapadi kapa ho hlalosa ha dihlopha ditlameha ho lokolla dibapadi ka la 15 Tshitwe ntle le ha sehlopha se ikutlwa ho lokolla dibapadi pele ho moo.

Qeto eo ya FIFA e bakile ditaba dihana ho fela jwalo ka ha e hlalosa hore boitukisetso ba dinaha tse ding botla qala ka dibapadi tse haella le ho lokela ho fetola meralo.

Le ha hose netefaletso (allegedly), tsa moraorao ke hore dihlopha tse mmalwa tse akgang Tottenham, sentse dihlalosa ha dibapadi tsa bona dike ke tsa leba ho AFCON.

Sehlopha sa Wolves se hlalositse ha sebapadi sa bona e bile e le letswallwa la Zimbabwe Marshall Munetsi, a ke ke a leba ho AFCON ka lebaka la kotsi.

Kgwedi e fitileng mokwetlisi wa Como Cesc Fabregas, o ile a hlalosa ha letswallwa la Senegal Assane Diao a ke ke a leba ho AFCON hobane dibapadi dikgutla dilemetse.

Mafelong a beke sebapadi sa Afrika Boroa le FSCB Siyabonga Ngezana, o ile a tlalehwa a hanne ho kgutlela k lebaleng e le ha a qoba dikotsi hore a tlo leba ho AFCON.

BALA HAPE: Mkhalele o seholla qeto ya FIFA ntlheng ya AFCON