Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Thapelo Morena o dumela batla hlola Rwanda

Sebapadi sa Bafana Bafana Thapelo Morena, o re o nale le tumelo e tletseng hore batla hlola papadi kgahlano le naha ya Rwanda ka labobdi la 14 Mphalane lebaleng la Mbombela.

Sebapadi sena sa Mamelodi Sundowns, se hlalositse ha mmapalo kgahlano le naha ya Zimbabwe o ne o se mobe ka ha ba nehelane ka tsohle tsa bona ka lebaleng.

“Mmapalo wa rona o ne o le motle, re fanne ka tsohle. E bang re ka bapala ka tsela eo hapa kgahlano le Rwanda, retla fumane dintlha tseo re dihlokang,” ho realo Morena.

Sebapadi sena se bapalang hohle ka lebaleng (utility player) se hlalositse ha ba lokela ho tlosa menahano ho tse fitileng mme ba tsepamise maikutlo papading e latelang.

“Maikutlo a rona a ho hapeng papadi kgahlano le Rwanda le ho tlohela tse ding. Re ya tseba hore Benin le Nigeria ditla lwana ho hapa papadi ya tsona ka tsohle.”

Morena o dumetse le hore ba tlasa kgatello e makatsang empa ba tlwaetse jwalo ka dibapadi mme batla e hlanaka senna.

“E tlabe e le maka ha nka hana hore re tlasa kgatello, empa jwalo ka dibapadi re batla re tlwaetse.”

Afrika Boroa e tlamehile maoto le matsoho ho hlola Rwanda e bang e batla ho ya mohopeng wa lefatshe mme batla hloka Nigeria ho hlola Benin.

Bobedi dipapadi tsena ditla bapala hosane ka labobedi [14 Mphalane] ka hora ya botshelela (18:00) thapama. Papadi ya Afrika Boroa e tla bapalla lebaleng la Mbombela.

BALA HAPE: Ronwen Williams o ntsha maikutlo ka papadi tsa labobedi