Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

McKenzie o fana ka tjhelete dihlopheng le tlaleho ya Mokoena

Letona la dipapadi Afrika Boroa Gayton McKenzie, o phatlalatsa ha a tla nyehelana ka meropotso dihlopheng tse fapaneng tsa naha ka mora mesebetsi e kgabane ya dihlopha.

Sehlopha sa naha Bafana Bafana, ke sona setla fumana nyehelo e hodimo ya R5 million.

Sehlopha sena se phunyeleditse mohopeng wa lefatshe o tla tshwarwa selemo se tlang mme kgwedi e tlang ya Tshitwe, batla leba mohopeng wa AFCON naheng ya Morocco.

Dihlopha tsa Banyana Banyana, Amajita, Springboks Women le Proteas Women, ditla fumana moropotso wa R1 million sehlopha ka seng. Sehlopha se mohopeng wa lefatshe ha jwale sa Amajimbos, setla fumana moputso wa R500 000.

Tabeng ya Mokoena, McKenzie o hlalositse ha SAFA e fanne ka tlaleho eo e hlalositse jwalo la tsietsi e hlahileng mabaka a fokola “strange, highly unusual set of coincidences.”

Tlaleho ya SAFA e hlalositse ha Mokoena a fumana karete e tshehla ka nako eo motsamaisi wa sehlopha (team manager) Vincent Tseka a neng a latile maqwa (ice cubes) bakeng sa dibapadi ke ka hoo a sa e bonang.

“Ketsahalo ena (extraordinary coincidence) e re jwetsa ho hong ho tibileng, naha ya rona e sebetsa tlasa kgatello e makatsang.”

McKenzie o hlalositse ha sehlopha sa naha se lokela ho fumana tshehetso e fetang ya jwale hore diphoso tsa mofuta ona, dise etsahale.

Bafana Bafana batla emela naha mohopeng wa AFCON kgwedi e tlang le mohopeng wa lefatshe naheng tse kopaneng tsa America, Canada le Mexico.

Bala tse ding ka letona McKenzie:

Motsepe o tshwaele qetong ya McKenzie ya ho ngolla FIFA

Letona McKenzie le etsa tshepiso ho Bafana Bafana