Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Afrika Boroa e thakgola leeto la AFCON ka tlholo

Sehlopha sa naha Bafana Bafana, se thakgotse leeto la bona la AFCON ka tlholo ya 2 – 1 kgahlano le naha ya Angola.

Bafana Bafana ba bapetse papadi ya bona ya pele lebaleng la Stade de Marrakech naheng ya Morocco mme e bile tlholo ya bona ya bone (4th) dipapading tse bulang tlhodisano ya AFCON.

Papadi e qadile ka sefutho lehlakoreng la Afrika Boroa empa Angola ya kgona ho kokobetse bohale le ho isa ntwa bathong.

Afrika Boroa, e fumane menyetla e mmalwa ka pela mekwallo ya Angola empa ya hlolwa ke ho e sebedisa hofihlela Oswin Appollis, a fumana bolo hotswa ho Lyle Foster mme a nkela Afrika Boroa ketapele (1 – 0).

Ha hwa nka nako e kae pele Angola le yona e botsa dipotso mme motsotsong wa 35, ke ha Fredy Show a lekanya dintlha le ho lebisa papadi kgefutsong ka maleka (1 – 1).

Karolong ya bobedi ya papadi, Tshepang Moremi o kenetse Mohau Nkota mme Afrika Boroa e bonahetse e tsoha molota.

Metsotso a le ka lebaleng, Moremi o hlabile ntlha eo VAR e hlalositseng e le offside ya Lyle Foster ya fileng Moremi bolo.

Moremi, o neleditse Foster bolo eo e bileng yona phapang ka mora hore Foster a rahe makatole le ho hlabela Afrika Boroa ntlha ya tlholo.

Foster, e bile yena sebapadi se ipabotseng ka makgabane papading eo.

Tlholo ena e bile ya 25 ya mokwetlisi Hugo Broos ya neng a etsa papadi ya 50 a kwetlisa Bafana Bafana.

Papadi e latelang e tlaba kgahlano le naha ya Egypt ka la 26 lebaleng la Stade Adrar mme yona e tla thakgoha ka 17:00.

BALA HAPE: Hugo Broos: Re lokela ho hlola papadi kgahlano le Angola