Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

CAF e latola kopo ya Sundowns le ASFAR ka moletsaphala

Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng ya Afrika e leng CAF, o latotse kopoya dihlopha tse pedi tse tla bapala ho makgaolakgang a CAF Champions League ya ho lekola le ho fetola moletsaphala yatla tsamaisa papadi eo.

CAF e hlwaile Jean-Jacques Ndala Ngambo ho tsamaisa papadi e nngwe hape ya makgaolakgang ka mora hore letswallwa lena la DRC le tsamaise papadi ya makgaolakgang a AFCON e bakileng ditaba.

Tseko ya Sundowns le ASFAR, ke hore Ndala a tloswe jwalo ka motsamaisi wa papadi ka mora diqeto tsa hae papading ya makgaolakgang dipakeng tsa Senegal le Morocco.

BALA: Black Leopards e lebala lekgotleng ka mora ho rengwa ke selepe

Ndala e bile yena a neng a laola papadi eo dibapadi tsa Senegal di ileng tsa tswa ka lebaleng ka lebaka la ho se kgotsofatswe ke diqeto tsa hae.

Le ha hole jwalo, CAF e hlalositse ha qeto ya bona e ya ho tshepela Ndala papadi eo, e tla dula e le jwalo le ho latela hore bobedi Sundowns le ASFAR dihlotswe ke ho teka mabaka a utlwahalang.

Sundowns e tla amohela ASFAR ka labohlano lebaleng la Loftus e le leoto la pele la makgaolakgang pele ba leba naheng ya Morocco bakeng sa leoto la bobedi.

BALA: Morris o hlabela Chiefs ntlha ka papadi ya hae ya pele