
Al Hilal e hana ka molala le ho makatsa Sundowns
Sehlopha sa Sudan sa Al Hilal Omdurman, se makaditse le ho etsa nalane hane se hlola sa Mamelodi Sundowns ka 2 – 1 papading e neng e tlola mollo ya CAF Champions League labohlano bosiu.
Sundowns, e ne e etetse Al Hilal lapeng le ha papadi e bapalletseng Rwanda ka lebaka la dintwa tse kupang naheng ya Sudan.
Masandawana, a kopane le pela difalla ha Al Hilal e ne e lwana ya kgumamela ho fumana tlholo ya bona ya pele kgahlano le Sundowns naleng ya dihlopha tsena.
Papadi e qadile ka sekgahla se hodimo mme Sundowns e le yona e etsang menyetla le ho leka sethibathibane sa Al Hilal ka makgetlo.
Le ha hole jwalo, Al Hilal e bile yona e fumanang ntlha pele ka mora ho fumana thaho ya mokoko ka phoso ya sethibathibane Denis Onyango ka nako ya tlhaselo ya Omdurman.
Ntlha ya Omdurman, e kene ka mokaptene Mohamed Abdelrman ho fa sehlopha sa hae ketapele le ho lebisa papadi kgefutsong.
Karolong ya bobedi ya papadi Al Hilal, e kgutlileng e baba sa leshokgwa e batla ntlha ya bobedi mme sebapadi se lenyokonyane Jean Claude Girumugisha, a raha sebodu sa bolo a le hole ho atolosa ketapele ya Al Hilal (2 – 0).
Sundowns, e tlile e se matha sa leheshane ka mora ho etsa diphetho mme ya kgona ho hlaba ntlha e ntle ka Arthur Sales (2 – 1).
Tlholo ena, ke ya pele ya Al Hilal kgahlano Sundowns jwalo ka ha bankile boemo ba pele sehlotswaneng sa C ka dintlha tse 8.
Sundowns, e se bapetse dipapadi tse tharo ho CAF ntle le tlholo mme papadi ya bona e latelang e tlaba kgahlano le St Eloi Lupopo naheng ya DR Congo.
BALA HAPE: Sebapadi sa Sundowns se hana ho tekena tumellano e ntjha
