
Afrika Boroa e tla kena kgabong kgahlano le India
Boitukisetso ke bo matla sehlopheng sa naha sa basadi papading ya krikete jwalo ka ha ba itukisetsa papadi e matla ya makgaolakgang.
Di’Proteas, ditla kena tekong e matla kgahlano le sehlopha se entseng mohlolo sa India hane se hlola naha ya Australia ka wicket tse hlano ho beheletsa sebaka ho makgaolakgang.
India, e entse rekoto ka ho lelekisa palo e hodimo ya mematho [338] e be e bile e hlola papadi ho hlola Australia e neng e tshireletsa sekola.
Le ha hole jwalo, Afrika Boroa le yona, ke sehlopha se matla se fitileng tekong tse matla le ho hlola bahlorisi ba bona ba dilemo lemo.
Mokaptene wa sehlopha Laura Wolvaardt, Tazmin Brits, Marizanne Kapp, Chloe Tyron le Nadine De Klerk, ke dibapadi tsa Afrika Boroa tse ka thusang sehlopha ho e hlanaka sesadi ka ho otla (batting).
Lehlakoreng la ho akgela Kapp, o dihula pele jwalo ka ha e le yena a kokometseng se maratswana dibapading tse akgelang mohopeng wa lefatshe.
Afrika Boroa le India, dise dikopane makgetlo a tsheletseng mohopeng wa lefatshe mme sehlopha ka seng sa hapa makgetlo a mararo ka ho fapana.
Lekgetlo la ho qetela dihlopha tsena dikopana, Afrika Boroa e hlotse India ka wicket tse tharo dipapading tsa tafole hona mohopeng wa lefatshe.
Papadi ya makgaolakgang e tla thakgoha ka 11:30 lebaleng la Dr. PY Patil toropong ya Mumbai.
BALA HAPE: Di’Proteas tsa basadi dietsa nalane ka ho hlola England
