
Chiefs e lohotha ho adimana ka dibapadi tse pedi
Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se lohotha ho adimana ka dibapadi tse ding hape tse pedi tse so fumane monyetla wa ho bapala.
Sehlopha sena sa Naturena, se tekene dibapadi tse leshongwana ha sehla se qala ho imatlafatsa mme tse ding tsa dibapadi tseo, disokola monyela wa ho bapala sehlopheng.
Chiefs e lohotha ho adimana ka Nkanyiso Shinga le Ethan Chisslett hore ba fumane monyetla wa ho bapala ho ho tlwaela ho bapala ho Betway.
Bobedi bona ke ditlabotjha sehlopheng sa Chiefs mme hase dibapadi tse bapetseng ho Betway pele dika leba ho Chiefs.
Shinga, o bapetse leking e ka tlase naheng ya Portugal, ha Chisslett yena a bapatse leking e ka tlase naheng ya England.
Amakhosi, e adimaneng ka Samkele Zwane le Happy Mashiane sehlopheng sa Siwelele FC ka lebaka la ho se fumane monyetla wa ho bapala.
Ho ya ka hlokwana la tsela, Chiefs e hlalosa ha bobedi bona bo hloka boiphihlelo ba boemo ba PSL mme ba sokola le ho tlwaela makgulo.
Chiefs e batla ho hlwela le ho popola maemo pele e ka nka qeto ka ha sehlopha se dipapading tsa mekgahlelo ho CAF Confederation Cup.
Le ha hole jwalo bokamoso ba bobedi bona sehlopha bo batla bo sa tsitsa le ha sehlopha sele lesisitheho ho nka qeto ha jwale ka lebaka la dikotsi tse teng sehlopheng.
Chiefs e tla tseba ka montaha hore e pannwe le dihlopha dife mohopeng wa Confederation Cup.
BALA HAPE: Kaizer Chiefs e tswelapele ho hapa dipapadi
