
Letsatsi la pele la teko ya bobedi le fihla pheletsong
Letsatsi la pele la teko ya bobedi dipakeng tsa Afrika Boroa le India le fihlile pheletsong baeti ba dutse memathong e 247 ho wele dibapadi tse 6.
Sehlopha se entse phetoho e le nngwe papisong le sehlopha se bapatseng teko ya pele moo Senuran Muthusamy a keng sekgeong sa Corbin Bosch.
Afrika Boroa e hapile lotho mme ya kgetha ho otla pele ha India e akgela. Dibapadi tse bulang tsa Afrika Boroa Aiden Makram (38) le Ryan Rickelton (35) ba qadile hantle le ha bobedi bo hlotswe ke ho fihlela 50 sebapadi ka seng.
Makram, o kene papading ena a dutse dipapading tse 49 tsa diteko mme ntwa kgahlano le India ke papadi ya hae ya 50 ya diteko.
Tristan Stubbs (49) le mokaptene Temba Bavuma (41) le bona ba latetse le ho e hlanaka senna empa ba ketolwa bale haufi haholo le 50.
Tony de Zorzi (28) le Wiaan Mulder (13) ya sokolang morethetho, ba kene le ho eketse mematho ka 41 ka kopaneng pele ba ketolwa ka tatellano.
Letsatsi la pele le fedile Senuran Muthusamy (25*) le Kyle Verrynne (1*) e le bona kgabong ho leka ho atolosa le ho ahela Di’Proteas lebota le tsitsitseng.
Letsatsi la bobedi le tla qala dihlopha bobedi dile tlasa kgatello ya ho aha ha se seng se batla ho qeletsa.
Papadi e ntseng e bapalla lebaleng la Barsapara toropong ya Guwahati, e tla qala hape hosane hoseng ka 05:30 ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE: Bavuma o tswelapele ho etella Afrika Boroa pele ka bokgabane
