
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns o etsa boipiletso ho PSL
Mokwetlisi wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o e ntse boipiletso ho botsamaisi ba PSL ho sheba ka leihlo le leng dipapadi tsa sehlopha sa hae.
Cardoso o buile sena a shebile sehla se fitileng le hore sehlopha sa hae setla kena dipapading tsa CAF Champions League mme dibatla ditla ka nako e le nngwe le tsa lapeng.
Re bile le dipapadi tse ngata hara beke sehleng se fitileng empa re kgonne ho fihla hole ho CAF Champions League [makgaolakgang],” ho realo Cardoso.
Cardoso o hlalositse ha sehlopha sa hae se hloka monyetla wa hara beke ho itukisetsa dipapadi tsa mafelo a beke tsa CAF le hore sehlopha se fumane nako e lekaneng ya ho phomola le hoba matla.
“Seo ke se hlalosang ke hore ngwahola le monongwaha re fitisitse dipapadi tse ding hore re etse sebaka bakeng sa dipapadi tsa CAF.
“Re leka ho feta dipapading tsa mekgahlelo le ho dula botleng dipapading tsa mantshano.”
Ha jwale Sundowns ke sona fela sehlopha sa Afrika Boroa ho Champions League ka mora hore Orlando Pirates e tswe le ha e hlahletse boipiletso kgahlano le St Eloi Lupopo.
Kaizer Chiefs le Stellenbosch FC, ditla bapala CAF Confederation Cup mme lotho ya mehope ena ka bobedi e tla etswa ka mantaha kwano Afrika Boroa.
Mafelong a na a beke Sundowns e tla nkana le Pirates papading ya Betway Premiership hosane ka moqebelo. Papadi ena e rekisitseng ditekete kaofela e tla thakgoha ka 15:30, lebaleng la Loftus Versfeld.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns o lla ka mokgathala
