Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mexico e hlola Afrika Boroa papading ya sehopotso

Sehlopha sa Mexico se bapetseng ka 2010, se hlotse sa Afrika Boroa se bapetseng ka 2010 ka 5 – 2 papading ya sehopotso.

Papading ena, e ne e reretswe ho hopotsa batho le dibapadi diketsahalo tsa 2010 ka nako eo Afrika Boroa e neng e amohotse lefatshe.

Dibapadi tsa Afrika Boroa bo Itumeleng Khune, Steven Pienaar, Renehilwe Letsholonyane le ba bang, e bile karolo ya dibapadi tse bileng teng papading eo.

Papading e tla ka nako eo sehlopha sa jwale sa Bafana Bafana setla bapala papadi ya pulamadiboho le sehlopha sa Mexico e amohelang baeti.

Ketsahalo ena ke e iphethang ka mora hore dihlopha tsena dithulane papading ya pele ka 2010 kwano Afrika Boroa.

Papadi eo ka 2010, e fedile ka 1 – 1 ka ntlha ya Siphiwe Tshabalala mme tebello ke ho bona hore papadi ya selemong sena e tla fela jwang.

Papadi ya selemong sena e tla bapala hantle ka la 11 Phupjane moo Mexico e tla amohela Afrika Boroa mme etla thakgoha ka 21:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA: Hope FC e hapa ABC Motsepe Playoffs ka sehla sa pele