Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Barker o bapisa Simba le Chiefs ka botshehetse

Mokwetlisi wa sehlopha sa Simba SC ya Tanzania Steve Barker, o bapisitse botshehetsi ba sehlopha sa hae le le ba sehlopha sa Afrika Boroa Kaizer Chiefs.

Barker ya kwetlisitseng Stellenbosch pele a leba Tanzania, o bapetse kgahlano le Chiefs ka makgetlo mme Chiefs e ne e tlatsa lebala ka batshehetsi le ha e se papadi ya bona ya lapeng.

“Ke ne ke swaswa ka letsatsi le leng kere ke hloile ho bapala le Chiefs le ha o le lapeng hobane ke bona ba tlatsang lebala ho feta wena,” ho realo Barker.

“Hana jwale ke feta ho seo kene ke bua ka sona. Hohle moo re bapalang re dula rena le batshehetsi ba bangata.”

Simba ke se seng sa dihlopha tse kgolo tsa kgale ka hara naha ya Tanzania mme jwalo ka Chiefs, sena le nalene e mafura lehlakoreng la ho hapa mehope.

“Ke sehlopha se jwalo ka Chiefs, hohle ka hara Tanzania batshehetse ba bangata (90%) ke ba Simba mme ke ntho e ntle hore ke feta ho seo ke buileng ka sona nakong e fitileng.”

Barker ya dutseng boemong ba bobedi ka mora Young Africans, o hlalositse ha a le motlotlo ho tlisa pososelo difahlehong tsa batshehetsi ba sehlopha.

“Ke ntho e thabisang ho ho tlisa pososelo difahlehong tsa batshehetse ba bangata ba tshehetsang sehlopha.”

BALA HAPE: Mama Joy o batla letona la dipapadi le phethise ditshepiso