
Jali o e tsa phatlalatso ya ho beha meja fatshe
Ka mora beke ya ditshehollo tse matla hotswa ho batshehetsi ba Orlando Pirates, sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns Andile Jali, o phatlaladitse ha a beya meja fatshe.
Jali ya ileng a jowa ka bohale ke batshehetsi ba Pirates ka mora hore a hlalose ha Relebohile Mofokeng a le monyane ho bapiswa le Themba Zwane, o hlalositse ha nako e fihlele ya ho panolla.
“Ke batla ho tsibisa semmuso ka ho tlohela ho bapala bolo,” ho realo Jali.
“Nkase bue ntho tse ngata ntle le ho leboha bakwetlisi bao ke bapetseng tlasa bona ho tloha ha kesa qala ho fihla kgolong ya ka papading ya bolo.
“Ke batla le ho leboha dibapadi tsohle tseo ke arolelaneng diphaphusi tsa ho hlobolela le tsona.”
Jali o bapaletse University of Pretoria le Pirates pele a leba naheng ya Belgium sehlopheng sa KV Oostende.
Ka mora ho arohana le Oostende, Jali o kgutletse lapeng le ho leba sehlopheng sa Sundowns pele a leba sehlopheng sa Swallows le Chippa United.

Dipapading tse fetang 420 tseo Jali a dibapetseng, o hlabile dintlha tse 19 le ho thusetsa dintlheng tse 16.
Letswalla lena la Matatiele le hapile mehope e fetang 10 le Pirates le Sundowns mme boholo ba yona o e hapile le Sundowns.
Jali o phethetse ka ho leboha batshehetsi ba bapetseng karolo e kgolo ho tshehetseng papadi ya hae ya bolo dihlopheng tse fapaneng.
“Nke ke ka lebala ho bua ka batshehetse ba bapetseng karolo ya bohlokwa papading yaka.”
BALA HAPE: Letona McKenzie le tsibisa ditjeho tsa leeto la Mama Joy la France
