Ditaba tsa moraoraoKrikete

Boiphihlelo ba Lungisani Ngidi bo thusa naha ho hapa dipapadi

Sebapadi se akgelang ka sekgahla (fast bowler) sa Afrika Boroa Lungisani Ngidi, o tswelapele ho bapala karolo e kgolo sehlopheng sa naha se ntse se bapala dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa T20 naheng tsa India le Sri Lanka ka kopanelo.

Ngidi o se a ketotse dibapadi tse 7 dipapading tse pedi tseo Afrika Boroa e dibapetseng le ho dihlola mme a hapa kgau ya sepapdi sa letsatsi dipapading tseo ka bobedi.

Sebapadi sena se sebedisang letsoho le letona (Right-arm fast medium), o fetile ditsehollong nakong e fitileng ka lebaka la mmele wa hae o neng o bonahala o le moholo ka mora ho oka dikotsi.

Ka mora papadi kgahlano le Afghanistan, Ngidi o se a bapetse dipapadi tse 59 mofuteng wa T20 dipapading tsa matjhabatjha mme o se a ketotse dibapadi tse 85 (85 wickets).

Ngidi o haelwa ke wicket tse 5 a be a dutse ho 90 le hoba sebapadi sa pele sa Afrika Boroa ho fihlela boemong boo mme o haelwa ke wicket tse 4 a be a lekana le Tabraiz Shamzi ya dutseng ho 89.

Tebello ke hore Ngidi o tla tswepele ka papadi e ntle jwalo ka ha sehlopha setla kena papading e matla kgahlano le naha e manganga ya New Zealand ka moqebelo.

Papadi ya ka moqebelo e tla bapalla lebaleng la Narendra Modi, Ahmedabad ke yona mme etla thakgoha ka 15:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Afrika Boroa e lwana ho fihla qetellong ho fumana tlholo