
Magesi e phatlalatsa karohano le mokwetlisi ya mehlaleng ya City
Sehlopha sa Magesi FC se mathateng a ho rengwa ke selepe, se netefaditse karohano ya bona le mokwetlisi John Maduka.
Maduka o kene sehlopheng e le ha a kena dieteng tsa Clinton Larsen ya entseng nalane le sehlopha ka nyolohela le sona ho Betway Premiership le ho hapa mohope wa Carling Knockout kgahlano le Mamelodi Sundowns.
Maduka o tataisitse Magesi dipapading tse 18 le ho hapa dipapadi tse 3, a bapala maleka dipapading tse 5 le ho lahlehelwa dipapading tse 10.
Karohana ya Maduka le Magesi ha e makatse jwalo ka ha ho ile hwa qhoma menyenyetsi ya hore sehlopha se nyaolang bakwetlisi lenyelenyele sa Durban City, se mehlaleng ya ditshebeletso tsa hae.
City, e se arohane le bokwetlisi ba bararo ka mora ho nyolohela ho Betway Premiership mathwasong a sehla se hodimo mme tebello ke ho bona hore sehlopha setla phatlalatsa mang jwalo ka mokwetlisi.
Ka lehlakoreng le leng, ho utlwahala ha Magesi e le mehlaleng ya mokwetlisi Allen Freese ho thusa sehlopha sa bona ho phema selepe.
BALA HAPE: Middendorp o ikarabella menyenyetsing ya ho batla bokwetlisi
