
Zamalek e rahela Chiefs ka ntle dipapading tsa CAF
Sehlopha sa Zamalek ya Egypt, se rothofaditse ditoro tsa Kaizer Chiefs ka ho ba hlola ka 2 – 1 papading ya ho qetela ho tsa dihlotshwana (group stages) tsa CAF Confederation Cup.
Chiefs, e ne e etetse Zamalek habo yona lapeng mme e ne e hloka ntlha e le nngwe e leng ho bapala maleka hore e fetele mokgahlelong o latelang.
Papadi e qadile ka monyebe mahlakore ka bobedi le ha Chiefs e bile yona e neng e le tlasa kgatello metsotsong e qalang ya papadi.
Dihlopha dilebile kgefutsong hose nko hotswa lemina mme karolo ya bobedi ya paoadi, e bile yona e kgutlang ka diphetoho.
Zamalek e fumane ntlha ya bona ya pele ka tlasa metsotso e 10 papadi e kgutlileng kgefutsong le go tswelapele ho beha Chiefs tlasa kgatello.
‘The White Knights’ ba tswetse pele ho tsoma ntlha ya bobedi mme ba fela ba e fumana ho setse metsotso e ka tlase ho e 20 pele papadi e fela.
Chiefs e lekile ho araba ka ho hlaba ntlha ka Makabi Lelipo [2 – 1] le ho leka ho lelekisa empa Zamalek e ne e sa batle ho utlwa letho.
Papadi e fedile ka palohare ya 2 – 1 e leng se hlalosang ha Chiefs e tswile dibapading tsa kontinente ntlhe le ho fetela mokgahlelong o latelang.
BALA HAPE: Maboe: Ke papadi tseo ke tletseng ho dibapala kwano
