Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o hlalosa ha World Cup e le hodimo haholo papisong le PSL

Ka mora ho hlolwa ke Canada ka sontaha bosiu, mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o hlalositse ha mohope wa lefatshe o le maemong a hodimo papisong le PSL.

Broos o qadile ka ho hlalosa ha ba bile le mohope o monate wa lefatshe le ha a bile le tebello ya ho fetela mokgahlelong o latelang.

“Ke nahana re bile le mohope o atlehileng wa lefatshe ka tsela eo hoseng motho ya neng a lebeletse hore retla fetela pele,” ho realo Broos.

“Ke tsibile le hore boemo ba mohope wa lefatshe bo hodimo ka mehato e mmedi papisong le PSL kapa ditlhodisano tsa selehae tseo dihlopha tsa rona dibapalang ho tsona.”

“Ha o lekola papadi ya Canada, hona ke dintho tseo dihlopha tsa Afrika Boroa dilokelang ho sebetsana le tsona.”

Afrika Boroa e fihlile mokgahlelong wa mantshano lekgetlo la pele nalaneng le ha sehlopha se saba le papadi e ntle kgahlano le Canada.

Phihlello ena e ngola mabitso a dibapadi le Broos nalaneng ya diphihlello tse hodimo tsa sehlopha mohopeng wa lefatshe le ha ba bile le papadi e seng monate e qalang.

BALA: Lebelo la Bafana Bafana le fella matsohong a Canada