
Mofokeng o ipabola ka makgabane ha Afrika Borwa e buretsa Eritrea
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se hlotse le ho tlontlolla naha ya Eritrea ka 5 – 0 papading e bapetseng bosiu ba laboraro.
Bafana Bafana ba kene papading ena ka mahlahahlaha ka mora ho hlola naha ya Guinea beke e fitileng kwano Afrika Borwa.
Afrika Borwa, e nkile taolo ya papadi metsotso e leshome ya papadi ka mora hore Eritrea e fumana menyetla qalong ya papadi empa ya hlolwa ke ho e sebedisa.
Dintlha tsa sehlopha, dikene ka Relebohile Mofokeng ya hlabileng tse pedi, Siphephelo Sithole, Iqraam Rayners le Luther Singh.
Le ha a sa hlaba ntlha, Oswin Appollis o bapetse karolo e kgolo papading moo a thusitseng [assist] dintlheng tse tharo tsa sehlopha.
Papadi ena ke ya bobedi ya Pitso Mosimane mme o se a bokeleditse dintlha tse 6 dipapadi tsa ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON.
Sehlopha se itlhomme pele sehlotshwaneng sa D ka mora dipapadi tse pedi tseo ba seng ba dibapetse.
2 Matches
2 Wins
6 Points
7 Goals Scored
1 Goal Conceded
Sehlopha setla dula Egypt bakeng sa papadi ya setswalle kgahlano le naha ya Egypt pele ba menahana le mehlala ho kgutla lapeng.
