Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o seboko ka tshebetso ya sehlopha pele ho papadi kgahlano le Mexico

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o bontshitse hose kgotsofale ka mora papadi ya bona ya lekunutu kgahlano le naha ya Jamaica.

Bafana Bafana, ba bapetse maleka a 1 – 1 papading ya ho qetela ya setswalle pele ho papadi e kgolo e bulang mohope wa lefatshe.

Ha a bua ka maikutlo a hae, Broos o hlalositse ha a sa tbabiswa ke tshebetso ya sehlopha le ha ba setse ka matsatsi a manyane bakeng sa ho itukisa.

“Ho bua nnete, ha keya thaba, haka thabela tshebetso ya sehlopha,” ho realo Broos.

“Mohlomong hona le lebaka bakeng sa seo empa re ntse rena le matsatsi ho lokisa seo le ho tlwaela makgulo.”

Broos o llile ka ho bapala ka monyebe ha dibapadi empa a kgutla a tshireletsa seo ka maemo a fapaneng a ho bapala.

“Hake tsebe bothata e bile eng empa ke nahana ke maemo a kwano empa retlo sebedisa matsatsi a setseng ho itukisetsa papadi ya labone.”

Broos o hlapantse ha sehlopha se tlaba malala-a-laotswe ka labone ha sehlopha se bapala papadi e thakgolang dipapadi tsa selemong sena tsa mohope wa lefatshe.

Nalane ya 2010 e tla iphetha le ha lekgetlong lena Mexico e tlaba yona e amohetseng baeti.

Kgatello e tlaba matla ho Afrika Boroa ka pela batshehetsi ba diketekete ba Mexico.

BALA: Mexico e hlola Afrika Boroa papading ya sehopotso