Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas dihlolwa letotong la bobedi naheng ya Pakistan

Sehlopha sa naha sa papadi ya krikete di’Proteas, se hlotswe papading ya boraro e bile e le ya ho qetela ya ODI ka wicket tse supileng.

Di’Proteas, dikgonne fela ho etsa mematho e 143 dibapadi ditswile kaofela mme karabelong ya bona, Pakistan e lelekisitse mokolokotwane oo ka dibapadi tse tharo.

Tlholo ena e hlalosa hore Afrika Boroa e lahlehetswe ke letoto ka ntlha tse pedi ho e le nngwe (2 – 1).

Sebapadi sa Afrika Boroa Quinton De Kock, o entse nalane ka ho fihlela mematho e 7000 dipapading tsa letsatsi ka leng ka mora ho etsa mematho e 53.

Leetong la bona naheng ya Pakistan, Afrika Boroa, e hlotswe mefuteng e mmedi (T20 le ODI) mme dipapading tsa diteko teng, dinaha bobedi dibapetse maleka.

Tlholo ya Pakistan ho Afrika Boroa, ke ya bona ya pele nalaneng moo Afrika Boroa e etetseng naheng ya Pakistan.

Di’Proteas, ditla kena leetong ho leba naheng ya India moo le teng batla bapala mefuta e meraro ya dipapadi.

Dipapadi tsa pele e tlaba tse bedi tsa diteko tse tla qala ka la 14 Pudungwane, ho latele dipapadi tsa letsatsi ka leng mme ba phethele ka dipapadi tsa T20.

Bala hape ka Di’Proteas:

Di’Proteas dilekanya dintlha papading ya bobedi

Di’Proteas dilekanya dintlha papading ya bobedi