Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Afrika Boroa se tekena le Fluminense ya Brazil

Sebapadi sa ntshetso pele ya Stars of Africa Academy Kgomotso Madiba, o tekenne le dinatla tsa Brazil, Fluminense.

Lekejakejane lena le dilemo di 18, ke sebapadi sa ntshetso pele ya mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs Farouk Khan.

Madiba, e bile karolo ya sehlopha sa naha sa bahlankana ba dilemo tse 17 (Amajita) ba hapileng bompudi ba kontinente ya Afrika selemo se fitileng.

Fluminense, ke se seng sa dihlopha tse kgolo lefatsheng papading ya bolo mme sena le ntshetso pele e tummeng ka ho ntsha dibapadi tse hlwahlwa lefatshe ka bophara.

Ntshetso pele ya sehlopha sena, e ntshitse dibapadi tse jwalo ka Fabinho, Thiago Silva, Marcelo le Richarlson hara tse ding mme kaofela ha bona e bile dikgalala tse bapallanf dihlopha tse tsejwang lefatshe.

Dikgwedi tse fitileng sehlopha sena se ne sele mehlaleng ya sebapadi sa Mamelodi Sundowns eo e leng letswalla la Brazil Lucas Ribeiro Costa, empa dihlopha tsa hlolwa ke ho utlwana ka boleng ba sebapadi.

Madiba, o kena lenaneng la dibapadi tse jwalo ka Shandre Campbell, Tylon Smith, Ayanda Sishuba le ba bang ba dibapadi tsa Afrika Boroa tse tlase dilemong ho tswa ka hara naha.

BALA HAPE: Sebapadi sa Sundowns se hana ho tekena tumellano e ntjha