Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

CAF e hlalosa ha Morocco e le mmpudi wa AFCON 2025

Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng ya Afrika wa CAF, o makaditse lefatshe le Afrika ka ho fetola qeto ya bona le ho hlalosa ha Morocco e le bona bommpudi ba AFCON 2025.

Senegal e hapile mohope wa AFCON 2025 ka 1 – 0 kgahlano le Morocco papading e bileng le dipuo dihana ho fela ho latela qeto ya moletsaphala le dibapadi tse ileng tsa ngala ka lebaleng.

Qeto ena, etla ka mora boipiletso bo ileng ba etswa ka mora hore CAF e ntse dikahlolo tse fapaneng kgahlano le Morocco le Senegal ho latela makgaolakgang a bileng le diketsahalo tse seng ntle.

CAF, e tsheheditse qeto ena ya hore Morocco e hapile ka hore Senegal e hatiketse molawana wa 84 wa papadi ka nako eo e neng etswa ka lebaleng ka nako ya papadi.

Sena se hlalosa ha Senegal e lahlehetswe ke papadi mme Morocco e e hapile ka dintlha tse tharo (3 – 0) le ha ho makatsa hore molawana oo wa 84 o ne o le kae ha CAF e nka qeto lekgetlo la pele hae diya kgahlolo.

Tebello ke ho bona e bang Senegal e tla lalla ena taba ka mmele kapa le yona e tla hlahlela boipiletso kgahlano le qeto ena.

BALA HAPE: Morocco e hlahletse tletlebo ho FIFA kgahlano le Senegal