Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pogiso Makhoye: Rene re se tlasa kgatello

Ka mora ho lahlehelwa kgahlano le Mamelodi Sundowns, mokwetlisi wa Orbit College Pogiso Makhoye o hlalositse ha ba lahlehetswe kgahlano le sehlopha se matla.

Sundowns, e hlotse Orbit ka 2 – 0 papading e bapetseng labobedi bosiu lebaleng leneng le phophoma balatedi la Olympia, North West.

Le ha Orbit e le dihlopheng tse tlase tafoleng ya dihlopha, Makhoye o hlalositse ha bane base tlasa kgatello.

“Rene rese tlasa kgatello. E bang o ka sheba dipapadi tsa rona, ena ke e nngwe ya tse ne reka lahlehelwa ke tsona,” ho realo Makhoye.

“Hona le dihlopha tseo o bonang hore o ka fumana se seng ho tsona empa Sundowns hase se seng sa tsona. Sundowns ke sehlopha se matla.”

Dipapading tse 11 tse fitileng, Orbit e hapile papadi e le nngwe le ho bapala maleka dipapading tse pedi.

Sehlopha sena seo e le tshepo ya batho ba North West, se dutse boemong ba 14 ka mora dipapadi tse 21 mme ba kgonne ho bokeletsa dintlha tse 18.

Orbit ke sona sehlopha se lahlehetsweng ke dipapadi tse ngata ka ho fitisisa sehleng sena ka mora dipapadi tseo ba seng ba dibapetse (13 loses) mme ke sona sehlopha se hlabilweng dintlha tse ngata ka ho fitisisa (35 goals conceded).

BALA HAPE: Ittihad hae phetse ho lelekisa ditshebeletso Rulani Mokwena