
Mbekezeli Mbokazi hase karolo ya sehlopha sa Amajita
Sebapadi sa Orlando Pirates se bapalang morao Mbekezeli Mbokazi, ha a hlahella mabitsong a dibapadi tse tla leba mohopeng wa lefatshe wa bahlankana ba dilemo dika tlase ho 20 naheng Chile.
Mbokazi eo e sale a le ditabeng ka potso ya hore o tla tsamaya le sehlopha kapa tjhe, ha a bonahala lenaneng la dibapadi tsa mokwetlisi Raymond Mdaka.
Sebapadi sena se dilemo di 19 se fitowe ke monyetla wa ho hapa mohope wa AFCON o neng o le Morroco ka mora hore sehlopha sa hae sa Pirates se se dumele ho mo lokolla.
Mbokazi, o ntse a bapala papadi e tswileng matsoho sehlopheng sa hae sa Pirates mme tebello e ne e le hore o tla tsamaya le Amajita ho leba Chile ho thusa sehlopha.
Beke e fitileng mo’presidente wa SAFA Danny Jordaan, o ile a hlalosa ha a na le tumelo le tshepo ya hore Pirates e tla dumela ho lokolla Mbokazi ho leba Chile.
Sebapadi se seng sa ba bitswang sehlopheng ke Shandre Campbell ya bapalang Belgium sehlopheng sa Club Brugge. Campbell hase karolo ya sehlopha ka mora hore sehlopha se se dumela ho molokolla.
Sebapadi sa Kaizer Chiefs Luke Baartman ke karolo ya sehlopha ka mora ho fetwa ke AFCON ka lebaka la dikotsi ka nako eo e ntse e le sebapadi sa Cape Town Spurs.
Lenane le felletse la dibapadi:

Mohope ona o tla thakgoha kala 27 Lwetse mme o tla fihla pheletsong kala 20 Mphalane.
BALA HAPE: Jordaan o na le tshepo hore Mbokazi o tla leba Chile
