
CAF e nyolla palo ya dibapadi tse ka lebang ho AFCON
Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng Confederation Africa Federation (CAF), e tsibisitse molawana o motjha o ka sebeletsang dihlopha dipapading tsa AFCON.
CAF, e nyollotse palo ya dibapadi tseo dihlopha dika lebang le tsona mohope wa AFCON ho tloha ho 23 ho fihla ho 27.
Molawana ona o fa dinaha monyetla wa ho kenyeletsa dibapadi tse nne dihlopheng tsa bona e leng se ka tswelang dinaha molemo o moholo.
Le ha hole jwalo, molawana ona e na le ntlhakemo e hlalosang ha naha e tla lokela ho itjarela dibapadi tseo tse nne ka ditjheho tsa ditjhelete.
CAF e hlalositse ha sena e le ho fa bakwetlisi le dinaha monyetla wa sehlopha se atolositsweng ba ipapisitse le ho lemala ha dibapadi, ho behelwa ka thoko (suspension) le tshebediso ya mano.
Mokgatlo o hlalositse ha o entsa monyetla ona ntle le go kenyeletsa dibapadi tsena ditjheleteng tsa mokgatlo e le ho ipapisitse le tshebediso ya ditjhelete tsa mokgatlo.
AFCON, e tla qala nakong e ka tlase ho kgwedi ho tloha ha jwale naheng ya Morroco.
Dinaha tse 24 kaofela, ditla nka karolo le ho tseka bompudi ba Afrika. Dipapadi tsena ditla thakgoha ka la 21 Tshitwe ho fihlela kala 18 Pherekgong.
BALA HAPE: CAF e fana ka kahlolo nyeweng ya Pirates le Lupopo
